1. Pesalema ya Davida, mohlanka wa Morena, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
2. Ya kgopo o laolwa ke sebe,sebe se botebong ba pelo ya hae;ho tshaba Modimoha ho yo ho yena.
3. Mehopolong ya hae o a ithetsahoo a sa boneng sebe sa hae,hoo a sa se hloyeng.
4. Mantswe a tswangmolomong wa hae,ke mantswe a mabe, a thetsang;o tlohetse bohlale leha e le botle.
5. O rera bokgopoa ntse a le phateng tsa hae,o tsamaya tseleng e sa lokang,ha a kgese bobe.
6. Morena, mohau wa haoo fihla mahodimong,botshepehi ba haobo fihla marung,
7. ho loka ha haoho jwaloka thaba tse telele,dikahlolo tsa hao di jwaloka bodiba,bodiba bo tebileng:Morena, o pholosa mothole yona phoofolo.
8. Modimo, mohau wa haoke wa bohlokwa hakaakang!Bana ba batho ba tshabela moriting,moriting wa mapheo a hao.
9. Ba kgora manoni a ntlo ya hao;o ba nwesa nokanengya menate ya hao.
10. Sediba sa bophelo se ho wena,mme ka sedi la hao re bona lesedi.