11. Bophelo ba ka bo fedile,bo fedile ke mahlomola,dilemo tsa ka di ile ke ho fehelwa;matla a ka a fediswa ke ho hlopheha,le masapo a ka a kgathetse.
12. Nna ke sekgoboho dira tsa ka tsohle,haholoholoho bao ke ahisaneng le bona,ke koko ho metswalle ya ka,ba mponang ditseleng ba a mpaleha.
13. Ha ke sa hopolwa;jwalokaha eka ke mofu,ke tshwana le ntho e lahlilweng.
14. Ke utlwa ditshebo tsa ba bangata,ke tshoswa ka nqa tsohle;batho ba nkunuta ba le mmoho,ba rera ho fedisa bophelo ba ka.
15. Empa nna ke tshepile wena Morena,ke re: “O Modimo wa ka!”