1. Pesalema ya Davida ha a baleha mora hae Abosalome.
2. Morena, dira tsa kadi ngata hakaakang!Ba bangata ba ntsohelang matla,
3. ba bangata ba buang ka nna, ba re:“Modimo ha a na ho mo pholosa.”
4. Empa wena Morena,o thebe e ntshireletsang,o mpha seriti, o ntsosa molota.
5. Ha ke ipiletsa ho Morena,o nkaraba a le thabeng ya haee halalelang.
6. Ke ye ke ithoballe, ke kgalehe,ke be ke itsohele,hobane Morena o na le nna.
7. Ha ke tshabe diketekete tsa bathotse ntikileng kamahohle.
8. Thusa, Morena!O mpholose, Modimo wa ka,wena ya jabelangdira tsa ka tsohle marameng,ya pshatlang mehlaare ya ba kgopo.
9. Pholoho e tswa ho Morena.Tlhohonolofatso ya haoe ke e be hodima setjhaba sa hao.