BIBELE

Dipesalema 27 BIBELE (SSO89SO)

Ho tshepa Modimo

1. Pesalema ya Davida.Morena ke lesedi la kale pholoho ya ka;nka tshaba mang?Morena ke setshabelosa bophelo ba ka;nka tshoha mang?

2. Ha ba etsang bobeba ntwantsha ho mpolaya,dira tseo tsa ka le bao ba ntlhoilengba a kgothometseha, ba we.

3. Leha nka dikanelwa ke mara,nke ke ka tshoha letho;esita leha nka futuhelwa,le teng ke tla nne ke be le tshepo.

4. Ntho e le nngwe feelaeo ke e kopang,eo ke e batlang ho Morena,ke hore ke phele ka tlung ya Morenaka matsatsi wohle a bophelo ba ka,ke tle ke bohebokgabane ba Morena,ke bo nahanisiseke le ka Tempeleng ya hae.

5. Nakong ya tsietsi o tla ntshireletsa,a ntshireletsemotlotlwaneng wa hae,a mpate motsheo ho tente ya hae,a ntlhwesetsehodima lefika la pholoho.

6. Jwale ke tla phahameladira tsa ka tse ntikileng,ke tla etsa mohoo wa thaboha ke nyehela,ha ke nyehela ka mahlabeloka tenteng ya hae,ke bine, ke roke Morena.

7. Ako nkutlwe, Morena,ha ke ipiletsa ho wena;o nkgauhele, o nkarabe.

8. Pelo ya ka e lohotha wena, e re:“Batla fahleho sa hae.”Ruri ke batla fahleho sa hao,wena Morena.

9. O se mpatele fahleho sa hao;o se halefele mohlanka wa hao,wa mo leleka.Ke wena mothusi wa ka,o se ke wa ntebela;o se ke wa ntahla Modimo,mopholosi wa ka.

10. Leha ntate le mme ba ka ntahla,Morena o tla nthola.

11. Mpontshe tsela ya hao Morena,o ntsamaise mmileng o bataletseng,ka baka la ba ntaletseng.

12. Se tlohele dira tsa kaho etsa borata ka nna,hobane paki tsa bohatadi eme lepaketladi a nqosa,di bile di a ntshokela.

13. Ruri Morena o tla ntswela molemo,a ntswele molemolefatsheng la ba phelang.

14. Lebella Morena, o be sebete;tiya pelo, o lebelle Morena.