BIBELE

Dipesalema 24 BIBELE (SSO89SO)

Morena o kena Sione

1. Pesalema ya Davida.Lefatshe ke la Morenale tsohle tse ho lona,lefatshe le bohleba ahileng ho lona.

2. Ke yena ya le theilenghodima mawatle,a le tiisa hodima madiba.

3. Ke mang ya ka nyolohelangthabeng ya Morena?Ke mang ya ka emangSehalalelong sa hae?

4. Ke ya matsoho a hlokang molato,ya pelo e hlwekileng,ya sa lakatseng mafeela,ya sa hlapanyetseng leshano.

5. O tla fumana lehlohonoloho Morena,le ho loka ho Modimo,mopholosi wa hae.

6. O jwalo molokowa ba batlang Modimo,ba ratang ho bona fahleho sa hao,wena Modimo wa Jakobo.

7. Lona menyako, bulehang!Ipuleng, lona menyakoya boholoholo,ho tle ho kene Kgosi e tlotlehang.

8. Kgosi eo e tlotlehang ke mang?Ke Morena ya matla, wa mohale,Morena eo e leng mohale ntweng.

9. Lona menyako, bulehang!Ipuleng, lona menyakoya boholoholo,ho tle ho kene Kgosi e tlotlehang.

10. Kgosi eo e tlotlehang ke mang?Ke Morena wa mabotho,ke yena Kgosi e tlotlehang.