BIBELE

Dipesalema 16 BIBELE (SSO89SO)

Ho tshepa Morena

1. Pesalema ya Davida.Ako mpaballe Modimo,hobane ke tshabela ho wena.

2. Ke re ho Morena:“Ke wena Morena wa ka,ha ke na lehlohonolontle ho wena.”

3. Ha e le medimo ya bohatae lefatsheng,ba kgahlwang ke yonaba rohakehile.

4. Ba mathang kamora yonaba ipakela mahlomola;nke ke ka e etsetsa nyehelo ya madi,esita le ho bolela mabitso a yona,ho a bolela ka molomo wa ka.

5. Morena, ke wena lefa la kale mohope wa ka;tseo ke nang le tsonadi tswa ho wena.

6. Ke sehetswe kgubung,ruri ke thabela lefa la ka.

7. Ke tla boka Morena, moeletsi wa ka;le bosiu pelo ya ka e a ntemosa.

8. Kamehlake ntse ke hopotse Morena,hobane o ka tsohong la kale letona,nke ke ka sisinngwa.

9. Kahoo pelo ya ka e thabile,moya wa ka o nyakaletse,le wona mmele wa ka o tla phomola,o tla phomola o phutholohile;

10. o ke kewa ntlohela Nqalong ya Bafu,o ke kewa lesela motshepuwa wa hao,wa mo lesella ho bolla lebitleng.

11. O tla mpontsha tsela ya bophelo;thabo e kgaphatsehange fumanwa ho wena,ho ba ka tsohong la hao le letonake monyaka o sa feleng.