BIBELE

Dipesalema 146 BIBELE (SSO89SO)

Lehlohonolo la ya tshepang Morena

1. Haleluja!Boka Morena, wena moya wa ka!

2. Ke tla rorisa Morenaha ke ntse ke phela;ke tla roka Modimo wa kabophelong ba ka bohle.

3. Le se ke la tshepa mahosana,leha e le motho ya se nang matla,matla a ho pholosa.

4. Hoba a neele moya,motho o kgutlela mobung;ka lona tsatsi leomerero ya hae e a fela.

5. Ho lehlohonoloeo Modimo wa Jakoboe leng thuso ya hae;eo Morena Modimo wa hae,e leng tshepo ya hae.

6. Ke yenaya entseng mahodimo le lefatshe,lewatle le tsohle tse ho lona.O tshepahala kamehla,

7. o ahlolela ba hateletsweng,o fepa ba lapileng;Morena o lokolla batlamuwa,

8. Morena o tutubolla mahlo a difofu.Morena o phahamisaba kgokgopaneng;Morena o rata ba lokileng.

9. Morena o sireletsa bajaki,o thusa kgutsana le mohlolohadi,athe merero ya ba kgopoo a e nyopisa.

10. Morena o busa kamehla yohle;Modimo wa hao, Sione,ke wa meloko yohle.Haleluja!