BIBELE

Dipesalema 144 BIBELE (SSO89SO)

Modimo ke mohlodi wa tlholo le katleho

1. Pesalema ya Davida.Ho bokwe Morena, lefika la ka,yena ya nthutang ho lwana,yena ya nkwetlisetsang ntwa.

2. Ke setshabelo sa kale qhobosheane ya ka,seqhobo sa kale monamoledi wa ka;ke thebe ya ka,eo ke itshireletsang ka yona,ke yena ya beang ditjhabakatlasa puso ya ka.

3. Morena, ebe motho e ne e le eng,hoo o ka mo nkelang hloohong?Ngwana motho e ne e le eng,hoo o ka mo hopolang?

4. Motho o tshwana le lefeela,ditshiu tsa haedi jwaloka moriti o fetang.

5. Morena, phetla mahodimo a hao,o theohe, o ame dithabadi tle di foqohe mosi.

6. Betsa mahadima,dira di tle di qhalane,o fule ka metsu ya hao,di tle di phasaphase.

7. Nnanabele o le hodimo,o mpholose,o nkinole metsing a lewatle,le matsohong a baditjhaba;

8. ba buang mashanoka melomo ya bona,ba phahamisang matsohoho hlapanyetsa bohata.

9. Modimo, ke tla o binela,ke o binele sefela se setjha,ke o rokeka harepa e kgwele di leshome,

10. wena ya neang dikgosi tlholo,wena ya pholosang Davida,mohlanka wa hao.

11. Mpholose saboleng e sehloho,namolele matsohong a baditjhababa buang mashanoka melomo ya bona,ba phahamisang matsohoho hlapanyetsa bohata.

12. Bara ba rona, botjheng ba bona,ba ke ba be jwaloka ditlama,tlama tse holang hantle;baradi ba rona ba be jwaloka ditshiya,tshiya tsa dihukutse betletsweng ntlo ya bokgosi.

13. Mediko ya rona e ke e tlale,e tsholohe dijo tsa mefutafuta.Manku a rona a ke a ate ka dikete,e be diketekete makgulong a rona;

14. makgomo a rona a ke a emare,a se folotsekapa a shwelwa ke manamane,ho se be diboko mabaleng a motse.

15. Ho lehlohonolo setjhabase tlelwang ke tse jwalo,ho lehlohonolo setjhabaseo Morena e leng Modimo wa sona.