BIBELE

Dipesalema 131 BIBELE (SSO89SO)

Thapelo ya boikokobetso

1. Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema.Morena, pelo ya ka ha e ikakase,mahlo a ka ha a ikgohomose;ha ke tsotelle dintho tse mphetang,leha e le tse makatsang,tse mphahametseng.

2. Empa ke bobisitse moya wa ka,ka o kgutsisa,sa ngwana ya kgwesitsweng,ya sikilweng ke mmae;e, moya wa ka o jwaloka ngwana,jwaloka ngwana ya kgwesitsweng.

3. Iseraele a ke a tshepe Morena,ho tloha jwale le kamehla yohle.