BIBELE

Dipesalema 130 BIBELE (SSO89SO)

Thapelo e kopang kgauhelo

1. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema.Ke ipiletsa ho wena Morena,ke le tlasetlase.

2. Morena, ako utlwe lentswe la ka!Tsebe tsa hao di ke di mameleha ke etsa thapedi ya ka.

3. Morena, ha o tshwaya diphoso,o tshwaya phoso tsa rona,ke mang, Morena, ya ka phelang?

4. Empa wena o a re tshwarela,e le hore re tle re o hlomphe.

5. Ke tshepile Morena,moya wa kao tshepile lentswe la hae.

6. Moya wa ka o lebeletse Morena,ho feta balebediba lebeletseng meso,e, ho feta balebediba lebeletseng meso.

7. Iseraele a ke a lebelle Morena,hobane Morena o mohau,o na le topollo e kgolo.

8. Ke yena ya tla lopolla Iseraelebokgopong bohle ba hae.