BIBELE

Dipesalema 124 BIBELE (SSO89SO)

Ho leboha thuso ya Morena

1. Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema.Hoja Morena a se ke a ba le rona,Iseraele a ke a rialo,

2. hoja Morena a se ke a ba le rona,ha batho ba ne ba re tsohela matla,

3. ba ka be ba re kwentsere ntse re phela,ha kgalefo ya bonae ne e re tloketse;

4. dikgohola di ka be di re hohotse,diphororo di ka be di re pupeditse;

5. metsi a befilenga ka be a re pupeditse.

6. Ho bokwe Morenaya sa kang a lesa hore ba re je.

7. Re phonyohile jwaloka nonyanalerabeng la batshwasi;leraba la kgaoha,mme ra phonyoha.

8. Thuso ya rona e tswa ho Morena,ya entseng mahodimo le lefatshe.