BIBELE

Dipesalema 123 BIBELE (SSO89SO)

Thapelo ya ya songwang

1. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema.Mahlo a ka a tadima ho wena,wena ya dutseng teroneng,lehodimong;

2. a jwaloka mahlo a bahlanka,a tadimileng letsohola monga bona.Jwalokaha mahlo a lekgabunyanea tadimile letsohola mofumahadi wa lona,le mahlo a rona a tadimaMorena Modimo wa rona jwalo,ho fihlela a ka re hauhela.

3. Re hauhele Morena, re hauhele,hobane re nyedisitswe,ra nyediswa ho feta tekanyo.

4. Re sonngwe ho feta tekanyo,ra songwa ke ba iketlang,re nyedisitswe ke ba ikgantshang.