BIBELE

Dipesalema 122 BIBELE (SSO89SO)

Motsamai o dumedisa Jerusalema

1. Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema.Ke ile ka thaba ha ho thwe ho nna:“A re yeng ka Tlung ya Morena.”

2. Jwale maoto a rona a eme dikgorong,dikgorong tsa hao, Jerusalema.

3. Jerusalema e hahilwe e le motse,tsohle tsa wona di teteane hamonate.

4. Ke moo ho nyolohelang meloko,meloko yohle ya Morena,ka taelo e neilweng Iseraele,hore e yo boka lebitso la Morena.

5. Ke moo ditulo tsa kahlolodi leng teng,ditulo tsa ntlo ya Davida.

6. Rapellang Jerusalema e be le kgotso:“Ba o ratang ba ke ba atlehe.

7. Kgotso e ke e bekahara marako a hao,le katlehoka matlung a hao a bokgosi.”

8. Ka baka la bahesole metswalle ya ka, ke tla re:“Kgotso e ke e be le wena.”

9. Ka baka la Ntlo ya Morena,Morena Modimo wa rona,ke tla o kopela tse molemo.