BIBELE

Dipesalema 120 BIBELE (SSO89SO)

Thapelo e kopang ho sireletswa ho ba bolotsana

1. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema.Ke ipiletsa ho Morena,ha ke le matshwenyehong,mme o a nkaraba.

2. Morena, ako nnamolelemolomong wa ya leshano,le lelemeng la ya thetsang.

3. Wena ya leleme le thetsang,o tla newa eng, o ekeletswe eng?

4. O tla newa metsu ya mohale,metsu e ntjhotjho,e tswang mashaleng a hlenneng,mashala a sehalahala.

5. Ho madimabe nnaka ho jaka Mesheke,ka ho aha hara ditente tsa Kedare.

6. Ke nako e telele haholoke ahile hara ba hloileng kgotso.

7. Nna ke motho wa kgotso,empa ha ke bua ka kgotso,bona ba batla ntwa.