BIBELE

Dipesalema 116 BIBELE (SSO89SO)

Teboho ya motho ya pholohileng

1. Ke rata Morena,hobane o utlwile thapedi ya ka,

2. a ntshekehela tsebe,mohla ke neng ke ipiletsa ho yena.

3. Marapo a lefu a ne a ntlamile,maraba a Nqalo ya Bafua ntshwasitse,ka ba matswalong le maswabing.

4. Yaba ke rapela lebitso la Morena,ka rapela, ka re: “Oho, Morena,ako pholose bophelo ba ka.”

5. Morena o mosa, o lokile,Modimo wa ronao na le kutlwelobohloko.

6. Morena o baballa ba hlokang mano,a na a mpholosa ha ke ne ke fokola.

7. Moya wa ka,ako boele o kgatholohe,hoba Morenao o etseditse tse molemo.

8. O mpholositse lefung,a ntlhakola meokgo,a mphemisa ho kgoptjwa;

9. ke tla tsamayapontsheng ya Morena,lefatsheng la ba phelang.

10. Ke ne ke ntse ke tshepile, ha ke re:“Ke tshwenyehile haholo.”

11. Pherekanong ya ka ka ba ka re:“Ha ho motho ya tshepahalang!”

12. Ke tla buseletsa Morena kang,bakeng sa melemo yohleeo a nketseditseng yona?

13. Ke tla nyehela ka mohope,hobane ke pholositswe,mme ke rapele lebitso la Morena.

14. Ke tla phetha dikano tsa ka,ke di phethe ho Morena,pontsheng ya setjhaba sohle sa hae.

15. Lefu la batshepuwa ba haeke ntho ya bohlokwamahlong a Morena.

16. Ruri, Morena,ke mohlanka wa hao,mora wa lekgabunyane la hao;o tlamolotse ditlamo tsa ka.

17. Ke tla o nyehellaka sehlabelo sa teboho,mme ke rapele lebitso la Morena.

18. Ke tla phetha dikano tsa ka,ke di phethe ho Morena,pontsheng ya setjhaba sohle sa hae,

19. mabaleng a ntlo ya Morena,bohareng ba hao,wena Jerusalema.Haleluja!