11. Moadimani a ke a mo amohesohle seo a nang le sona;batho basele ba ikgapeletholwana tsa mofufutso wa hae.
12. Ho se be motho ya mo hauhelang,kapa ya thusang dikgutsana tsa hae.
13. Ditloholo tsa hae di ke di timetswe,mabitso a tsona a hlakolwemelokong e hlahlamang.
14. Molato wa bo-ntataeo nne o hopolwe ke Morena,sebe sa mmaese se ke sa hlakolwa;
15. Morena a nne a di hopole kamehla,a ba hlakole lefatsheng,hore ba se hlole ba hopolwa.
16. Motho eo ha a a ka a hopola,a hopola ho ba mohau,empa a hlorisa mohlophehi,a hlorisa le mofutsana,a tle a bolaye ya tepeletseng pelo.
17. A rata ho rohakana:Thohako e ke be hodima hae!Ha a ka a thabela tlhohonolofatso:E ke be hole le yena!
18. A apara thohako jwaloka kobo:E ke e monyele mmeleng wa hae,e monyele jwaloka metsi,le masapong a hae jwaloka ole.
19. E ke be jwaloka seaparoseo a ipopileng ka sona,e be jwaloka leqhamaleo a itlamileng ka lona kamehla.
20. Morena a ke a putsebaqosi ba ka jwalo,batho bana ba mpuang hampe.
21. Empa wena Morena, Morena ka,ako nthusetseka baka la lebitso la hao,o nnamoleleka baka la mohau wa hao o molemo.
22. Ke mohlophehi, ke mofutsana,pelo ya ka e thulameka sefubeng sa ka.