16. O ile a pshatla mamati a koporo,a robaka mekwallo ya tshepe.
17. Ba bang ba thotofatswake metsamao ya bona e kgopo,ba hlokofatswaka baka la melato ya bona,
18. ba tenwa ke dijo tsohle;ba ne ba se ba le dintshing tsa lefu.
19. Matshwenyehong a bonaba lla ho Morena,mme a ba pholosa tsietsing ya bona.
20. A laela, mme ba fola,a ba phemisa lebitla.
21. Ba ke ba boke Morenaka baka la mohau wa hae,le dimakatso tsa haeho bana ba batho.
22. Ba nyehele ka mahlabelo a teboho,ba tumise mesebetsi ya hae,ba e tumise ka mehoo ya thabo.
23. Ba bang ba tsamayalewatleng ka dikepe,ba hweba ka ho haola mawatle.
24. Le bona ba bonemesebetsi ya Morena,le dimakatso tsa hae madibeng.
25. A laela, ha tsoha sefefo,sa phahamisa maqhubu a lewatle;
26. ba betsetswa hodimodimo,ba theolelwa tlasetlase,ba nyekelwa ke dipelo.