34. A laela, ha hlaha ditsie,le bookgolane bo se nang palo.
35. Tsa kumola jwang bohleba naha ya bona,tsa kokona tsohletse behwang ke naha.
36. A bolaya matsibolo wohlea naha ya bona,bana ba bona ba matswathaka.
37. A ntsha Baiseraele ba kakatetse,ba kakatetse silefera le kgauta,ho se ya tsiapanenghara meloko ya bona.
38. Egepeta ya thabela ho falla ha bona,hobane e ne e tshohile haholo.
39. A phuphuthisa leru, la ba kwahela;mollo wa ba bonesetsa bosiu.
40. Ba kopa,yaba o ba tlisetsa dikwekwe;a ba kgorisa ka bohobebo tswang mahodimong.
41. A petsola lefika, metsi a phorosela;a phalla dibataolong eka ke noka.
42. Ke hobane o ne a hopotse tshepiso,tshepiso ya hae e halalelang,ho Aborahama, mohlanka wa hae.
43. A ntsha setjhaba sa hae ka nyakallo,bakgethwa ba haeka ditlatse tsa thabo.
44. Yaba o ba nea naha tsa baditjhaba,ba ja lefa la mofufutsowa merabe eo,
45. hore ba tle ba boloke ditaelo,ba boloke taelo tsa hae,ba hlomphe melao ya hae.Haleluja!