BIBELE

Dipesalema 101 BIBELE (SSO89SO)

Kgosi e buse ka toka

1. Pesalema ya Davida.Ke tla o binela tsa mohaule tsa toka,ke o roke, wena Morena.

2. Ke tla tsamaya ka hlokotseleng e lokileng;ekaba o tla tla neng ho nna?Ka tlung ya ka ke tla phelaka pelo e hlwekileng,

3. nke ke ka dumella mahlo a kaho sheba letho le kgopo.Ke hloile diketso tsa ba kgelohileng,di ke ke tsa nkgomarela.

4. Nke ke ka ba le bokgopo,ka le bona ka pelong ya ka,ha ke rate ho tseba letho le lebe.

5. Ya etseletsang wa habo sephiringke tla mo timetsa,nke ke ka mamella moikgantshile moikgohomosi.

6. Mahlo a ka a shebile ba tshepahalang,ba tshepahalang, ba lefatshe lena,ba tle ba ahisane le nna;ya tsamayang ka tsela e lokilengke yena ya tla ntshebeletsa.

7. Ya sebetsang bolotsanaa ke ke a phela tlung ya ka;ya bolelang leshanoa ke ke a ema kapele ho nna.

8. Hoseng ho hong le ho hongke tla timetsa bohle ba kgopo,ba kgopo ba lefatshe lena,ke fedise bohle ba etsang tse mpe,ba di etsang motseng wa Morena.