40. Jehova a re ho Moshe: Ngola mabitso wohle a matsibolo a matona a bana ba Iseraele, ho qala ka ya nang le kgwedi e le nngwe ho isa ho ya fetang moo, o nke palo ya mabitso a wona.
41. O kgethele nna, ke leng Jehova, Balevi, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele; le dikgomo tsa Balevi bakeng sa matsibolo wohle a dikgomo tsa bana ba Iseraele.
42. Moshe a fela a ngola matsibolo wohle a bana ba Iseraele, kamoo Jehova a mo laetseng kateng;
43. palo ya matsibolo a matona, e leng palo ya mabitso a ba kgwedi e le nngwe le a ba fetang moo, kamoo a kileng a ngolwa kateng, ya eba kete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, tse nang le makgolo a mabedi a mashome a supileng a metso e meraro.
44. Jehova a bua le Moshe, a re:
45. O nke Balevi bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele, le dikgomo tsa Balevi bakeng sa dikgomo tsa bona, hore Balevi e be ba ka. Ke nna Jehova.
46. Haele ka topollo ya matsibolo a makgolo a mabedi a mashome a supileng a metso e meraro a bana ba Iseraele a fetileng palo ya Balevi, o nke dishekele tse hlano ka hlooho e nngwe le e nngwe;
47. o di nke ka tjhelete ya sehalalelo, e leng ka shekele ya digera tse mashome a mabedi.
48. O tla nea Aarone le bara ba hae tjhelete e lopollang matsibolo a fetileng palo ya Balevi.
49. Moshe a nka tjhelete e lopollang ba fetang palo ya ba seng ba lopolotswe ya Balevi,
50. mme hodima matsibolo ana a bana ba Iseraele, a nka dishekele tse kete se le seng se nang le makgolo a mararo a mashome a tsheletseng a metso e mehlano, e leng dishekele tsa sehalalelo;
51. Moshe a nea Aarone le bara ba hae tjhelete eo ya topollo, a ba nea yona ka taelo ya Jehova, le kamoo Jehova a laetseng Moshe kateng.