9. Mang le mang ya rohakang ntatae, leha e le mmae, o tla bolawa; o rohakile ntatae le mmae: madi a hae a tla ba hodima hae.
10. Ekare ha motho a feba le mosadi wa e mong, ha a feba le mosadi wa wa habo, monna le mosadi ba febaneng ba tla bolawa.
11. Ekare ha e mong a feba le mosadi wa ntatae, eba o apotse bofeela ba ntatae: ba tla bolawa ba babedi, mme madi a bona a tla ba hodima bona.
12. Ekare ha e mong a feba le ngwetsi ya hae, ba tla bolawa ba babedi; ba ferekantse molao wa ditaba: madi a bona a tla ba hodima bona.
13. Ekare ha monna a robetse le monna e mong, jwalokaha ho robalwa le mosadi, ba entse ba babedi ntho e manyala, ba tla bolawa: madi a bona a tla ba hodima bona.
14. Ekare ha e mong a inkela mosadi le mmae ho ba etsa basadi, ke sebe se tshabehang: ba tla tjheswa mollong, yena le bona, hore sebe sena se se ke sa eba teng hara lona.
15. Ekare ha e mong a robala le phoofolo, o tla bolawa, le yona phoofolo le tla e bolaya.
16. Ekare ha mosadi a ka emela phoofolo hore a fejwe ke yona, o tla bolaya mosadi eo le yona phoofolo; mosadi o tla bolawa le yona phoofolo, mme madi a bona a tla ba hodima hae le hodima yona.
17. Ekare ha e mong a inkela kgaitsedi ya hae, moradi wa ntatae, kapa moradi wa mmae, ho mo etsa mosadi, mme monna a bona bofeela ba kgaitsedi ya hae, le mosadi a bona bofeela ba kgaitsedie, ke ketso e manyala; ba tla tloswa hara bana ba setjhaba sa habo; monna o apotse bofeela ba kgaitsedie, o tla jara sebe sa hae.
18. Ekare ha monna a robala le mosadi ya idileng, a apola bofeela ba hae, mme a pepesa mohlapo wa hae, le yena mosadi a pepesa letlang la hae, ba tla tloswa ba babedi hara setjhaba sa habo bona.
19. O se ke wa apola bofeela ba ngwanabo mmao, leha e le ba kgaitsedi ya ntatao; hobane moo, ke ho apola madi a hao; ba tla jara sebe sa bona.