BIBELE e Halalelang

Jobo 18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Phetolo ya bobedi ya Bildade.

1. Yaba Bildade wa Shua o fetola, a re:

2. Le tla qeta dipolelo tseo neneng? Mamelang, re ntoo bua.

3. Re etswa keng diphoofolo? Re mawatla keng mahlong a lona na?

4. Wena ya ikgarolang ka bohale ba hao, na lefatshe le tla fetoha lefeella ka baka la hao, mafika a suthiswe tulong tsa wona na?

5. Bona, lesedi la e mobe le tla tingwa, mollo wa leifo la hae ha o sa tla hlola o hotetswa.

6. Lesedi le tla fetoha lefifi tenteng ya hae, lebone la hae le hodima hae le tla tingwa.

7. Mehato ya hae e tiileng e tla honyetseha, o tla dihelwa ke mano a lohilweng ke yena;

8. hobane o hata letlowa ka maoto a hae, o tsamaya hodima mamena;

9. sefi se mo tshwasitse serethe; letlowa le mo tlamile;

10. sefi se patilwe mobung pela hae, leraba le mo lebeletse tseleng.

11. Matsoso a mo tshabisa ka nqa tsohle, a mo tshosa a mo phalletse.

12. Tlala e mo fedisa matla, tshenyeho e mo tshwere lehlakoreng.

13. E ja letlalo la mmele wa hae; letsibolo la lefu le ja ditho tsa hae.

14. O tshwarwa setshabelong sa tente ya hae, o hulelwa ho morena wa matshabeho.

15. Ha ho le a mong wa bahabo ya dulang tenteng ya hae; sebabole se tsholla jwaloka pula hodima moaho wa hae.

16. Tlase, metso ya hae e a oma; hodimo, makala a hae a rengwa.

17. Ha a sa hopolwa lefatsheng, lebitso la hae ha le sa bolelwa mapatlelong.

18. O lelekwa leseding, a ye lefifing; o tloswa lefatsheng.

19. Ha a siye mora leha e le setloholo hara setjhaba sa hae, meahong ya hae ho hlokahala mosiuwa ya tswang ho yena.

20. Meloko e tlang e tla tsota tshenyeho ya hae, mme meloko wa jwale o tla tshwarwa ke ho thothomela.

21. Meaho ya molotsana e jwalo feela, ho jwalo le bodulo ba ya sa tsebeng Modimo.