1. Tshiung tseo, Esekiase a kula, a batla a eshwa. Moporofeta Esaia, mora Amotse, a ya ho yena, a re: Ho itswe ke Jehova: Hleka ntlo ya hao, hobane o se o ya shwa, ha o sa tla phela.
2. Yaba o retelehela nqa leboteng, a rapela Jehova, a re:
3. Oho, Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pela hao kateng, ka nnete le ka pelo yohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao. Mme Esekiase a lla haholo.
4. Esaia o ne a eso ho tswe lebaleng le ka hare, ha lentswe la Jehova le mo fihlela, le re:
5. Boya, o re ho Esekiase, modisa wa setjhaba sa ka: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa ntatao Davida: Ke utlwile thapelo ya hao, ke bone le meokgo ya hao; bona, ke tla o fodisa; ka la boraro o tla nyolohela tlung ya Jehova.
6. Ke tla eketsa le tshiu tsa hao ka dilemo tse leshome le metso e mehlano, ke o namolele wena le motse ona matsohong a morena wa Assiria, ke sireletse motse ona ka baka la ka le la Davida, mohlanka wa ka.
7. Hape, Esaia a re: Nkang motoho wa difeiye. Ba o nka, ba o bea sesong, mme Esekiase a fola.
8. Esekiase o ne a itse ho Esaia: Pontsho e tla ba efe ya hore Jehova o tla mphodisa le hore ke tla nyolohela tlung ya Jehova ka la boraro na?
9. Esaia a re: Seo e tla ba pontsho ya Jehova ho wena ya hore Jehova o tla etsa taba eo a e boletseng ke sena: hleka o re, moriti o ye pele ka tekanyo tse leshome, kapa o kgutlele kasanthao ka tekanyo tse leshome na?
10. Esekiase a re: Ke ntho e nyenyane ha moriti o ka tlola tekanyo tse leshome; ho se ke ha eba jwalo, moriti o mpe o kgutlele kasanthao ka tekanyo tse leshome.
11. Ebile moporofeta Esaia o bitsa ho Jehova, mme a kgutlisetsa moriti kasanthao ka tekanyo tse leshome letlapeng la dinako la Akase, moo o neng o tsamaya teng.
12. Mehleng eo, Berodake-Baladane, mora Baladane, morena wa Babilona, a romela mangolo le dimpho ho Esekiase; hobane o ne a utlwile hore Esekiase o ne a kile a kula.
13. Esekiase a mamela taba tsa ba romilweng, a ba a ba bontsha ntlo ya hae yohle ya matlotlo, le silefera, le kgauta, le dinoko, le ole e nkgang hamonate, le ntlo ya dihlomo tsa hae, le tsohle tse ka bonwang dipolokelong tsa hae; ha ho a ka ha eba ntho eo Esekiase a sa kang a ba bontsha yona ka tlung ya hae le mmusong wa hae wohle.
14. Yaba moporofeta Esaia o tla ho morena Esekiase, a re ho yena: Banna bao ba itseng? Ba tlile ho wena ba etswa kae? Esekiase a re: Ba tswa naheng e hole, Babilona.
15. A re: Ba boneng ka tlung ya hao? Esekiase a re: Ba bone tsohle tse ka tlung ya ka; ha ho ntho le e nngwe eo ke sa kang ka ba bontsha yona dipolokelong tsa ka.
16. Ebile Esaia o re ho Esekiase: Utlwa lentswe la Jehova:
17. Bona matsatsi a tla, ao tsohle tse ka tlung ya hao, le tsohle tseo bontatao ba di bokeletseng ho fihlela la kajeno, di tla iswa Babilona; ha ho ka ke ha sala letho: ho itsalo Jehova.