1. Yaba setjhaba kaofela sa Juda se nka Osiase, ya neng a le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, sa mmea morena tulong tsa ntatae Amatsia.
2. Ke yena ya kileng a tsosa Elothe, a o busetsa ho Juda; ke ha morena ntatae a se a orohetse ho bontatae.
3. Osiase o ne a le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse mashome a mahlano a metso e mmedi Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Jekolia wa Jerusalema.
4. A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, kahohle kamoo ho neng ho entse Amatsia ntatae kateng.
5. A nna a batla Jehova ka tshiu tsohle Sakaria, monna ya kelello diponong tsa Modimo; mme matsatsing ao a batlileng Jehova ka wona, Modimo wa nna wa mo atlisa.
6. A tswa, a futuhela Bafilesta, a heletsa lerako la Gathe, le lerako la Jabne, le lerako la Ashdode, mme a haha metse Ashdode le naheng ya Bafilesta.
7. Mme Modimo wa mo tlatsa ho lwantsha Bafilesta le Baarabe ba ahileng Gure-Baale, le Bamaone.
8. Haele Baammone, ba ntshetsa Osiase dinyehelo; mme botumo ba hae ba utlwahala ho fihlela moeding wa Egepeta, hobane a ne a iphile matla ka ho fetisisa.
9. Hape, Osiase a haha ditora Jerusalema monyakong wa Kou le monyakong wa Kgohlo, le moo lerako le kgutlang teng, mme a di tiisa.