BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Akasia, morena wa Juda.

1. Yaba baahi ba Jerusalema ba bea mora hae e monyenyane, Akasia, morena tulong tsa hae, etswe sera se neng se kene diahelong le Baarabe se ne se bolaile baholwane ba hae bohle; ha ho le jwalo, Akasia, mora Jorame, morena wa Juda, a bewa morena.

2. Akasia o ne a le dilemo tse mashome a mane a metso e mmedi ha a qala ho busa, a busa ka selemo se le seng Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Athalia, moradi wa Omri.

3. Le yena a tsamaya ka mehlala ya ntlo ya Akabe; kahobane mmae a ne a mo eletsa hampe.

4. A etsa ho leng hobe pela mahlo a Jehova, jwaloka ntlo ya Akabe, etswe ba teng e ne e le baeletsi ba hae, hobane ntatae a timele, ba mo isang timelong.

5. Ka ho susumetswa ke dikeletso tsa bona, a tloha le Jorame, mora Akabe, morena wa Iseraele, ba ya futuhela Hasaele, morena wa Siria, Ramothe-Gileade; teng Basiria ba hlaba Jorame.

6. A kgutlela Jisreele ho ya phekolwa maqeba ao Basiria ba mo ntshitseng wona Rama, mohla a lwanang le Hasaele, morena wa Siria; mme Asaria, mora Jorame, morena wa Juda, a theohela Jisreele ho ya bona Jorame, mora Akabe, kahobane a ne a kula.

7. Ka morero wa Modimo, ketelo ya Akasia ha a etela Jorame ya etswa lebaka la timelo ya hae. Eitse hobane a fihle, ba tswela le Jorame ho ya kgahlanyetsa Jehu, mora Nimshi, eo Jehova a neng a mo tlotsitse hore a timetse ntlo ya Akabe.

8. Eitse ha Jehu a ntse a phetha dikahlolo hodima ntlo ya Akabe, a fumana mahosana a Juda le bara ba banababo Akasia ba sebeletsa Akasia, mme a ba bolaya.

9. A batla le yena Akasia; ba mo tshwara a ipatile Samaria, ba mo tlisa ho Jehu, mme ba mmolaya. Ba mo epela, ba re: Ke mora Josafate ya kileng a batla Jehova ka pelo yohle ya hae. Mme ha ho a ka ha sala le a mong wa ntlo ya Akasia ya nang le matla a ho rena.

Ahalia, mofumahadi wa Juda. — O a bolawa.

10. Eitse ha Athalia, mma Akasia, a bona hoba mora hae o timetse, a tloha, mme a timelletsa leloko lohle la borena la ntlo ya Juda.

11. Empa Joshabeathe, moradi wa morena, a nka Joase, mora Akasia, a mo utswa hara bara ba morena mohla ba bolawang, mme a mo isa hammoho le moanyesi wa hae kamoreng ya malao. Ka mokgwa o jwalo, Joshabeathe, moradi wa morena Jorame, mosadi wa Jehojada moprista, le kgaitsedi ya Akasia, a mo patela Athalia, a se ke a bolawa.

12. A patwa ho bona ka dilemo tse tsheletseng, ka tlung ya Modimo. Mme Athalia a nna a busa lefatsheng.