BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Abija a orohela ho bontatae, a patwa motseng wa Davida, mme tulong tsa hae ha busa Asa, mora wa hae. Mehleng ya hae, ntwa ya lala lefatsheng ka dilemo tse leshome.

Asa, morena wa Juda. — O hlola Serake le Baethiopia.

2. Asa a etsa ho molemo, ho lokileng pela Jehova, Modimo wa hae.

3. A qhaqholla dialetare tsa medimo esele le dinqalo tse diphahameng; a bolaya ditshwantsho, mme a heletsa diashere;

4. a ba a laela Bajuda hore ba batle Jehova, Modimo wa bontata bona, le hore ba etse ka molao le ka ditaelo;

5. le metseng yohle ya Juda a heletsa dinqalo tse diphahameng le ditshiya tsa letsatsi. Mme ntwa ya eba siyo ho yena mmusong wa hae.

6. A haha metse ya diqhobosheane Juda; ke ha ntwa e ne e ntse e letse lefatsheng, hobane ha a ka a lwantshwa ke motho ka dilemo tseo, etswe Jehova a ne a mo neile phomolo.

7. A re ho Bajuda: A re haheng metse eo; re e dikadiketse ka marako, le ditora, le mamati le mekwallo; lefatshe e sa ntsane e le la rona, kahobane re batlile Jehova, Modimo wa rona; re mmatlile, mme o re neile phomolo ka nqa tsohle. Ba haha ke hona, mme ba atleha.

8. Asa o ne a na le sera sa batho ba dikete tse makgolo a mararo a Bajuda, ba hlometseng thebe e kgolo le lerumo, le se seng sa batho ba dikete tse makgolo a mabedi a mashome a robileng meno e le mmedi a Babenjamine, ba hlometseng thejana, ba fulang le ka seqha; batho bao kaofela e ne e le bahlabani ba bohale.

9. Serake wa Moethiopia a ba futuhela a ena le sera sa batho ba dikete tse sekete le makoloi a makgolo a mararo, mme a fihla Maresha.

10. Asa a tswela ho mo kgahlanyetsa; mme ba hlopholla dintwa tsa bona sekgutlong sa Tsefata, haufi le Maresha.

11. Asa a howeletsa ho Jehova, Modimo wa hae, a re: Oho, Jehova, ha ho e mong ya ka namolelang ya se nang matla ho ya nang le matla, haese wena; re tlatse, Jehova, Modimo wa rona, hobane re itshetlehile ka wena, mme re futuhetse bongata boo ka lebitso la hao. Ke wena Jehova, Modimo wa rona: motho ya shwang a se ke a o sita.

12. Jehova a qhala Baethiopia pela Asa le Bajuda; Baethiopia ba baleha.

13. Asa le setjhaba sa hae ba ba phallela ho ya fihla Gerare; mme Baethiopia ba bolawa haholo, ba ba ba sitwa le ho boela ba kopana; etswe ba ne ba qhalwa ke Jehova le ke sera sa hae. Ba hapa kgapo e kgolo haholo;

14. ba kena metse yohle e teetseng Gerare hare, hobane e ne e wetswe hodimo ke letsoso la Jehova; ba ya le ntho tsohle tse metseng eo, hobane thepa ya teng e ne e le kgolo.

15. Hape, ba kena le masakeng a mehlape, ba hapa manku a mangata le dikamele; ba ntoo kgutlela Jerusalema.