31. Molomo wa morifi o hara hlooho le hodima yona, bolelele ba wona e ne e le setswe se le seng, molomo wa wona o le motjhitja, o ka wa mesebetsi e jwalo, boahlamo ba wona e le setswe se nang le halofo; molomong ho ne ho le ditshwantsho tse betlilweng, mme mahlakore a wona a ne a le meetse e mene e lekanang, a se matjhitja.
32. A bea mabidi a mane tlasa mahlakore, ditshepe tse tshwereng diase tsa mabidi di ne di etswa sedulwaneng, bolelele ba lebidi e le setswe se nang le halofo.
33. Ho etswa ha mabidi e be e kaha lebidi la koloi; le mahetla a wona, le botjhitja ba wona, le dipeke tsa wona, le dinafo tsa wona, tsohle di ne di tsholotswe.
34. Le mahetla a mane a ne a le teng dintlheng tse nne tsa sedulwana, mahetla a ne a etswa sedulwaneng.
35. Kahodima sedulwana ho ne ho na le botjhitja, bolelele ba bona e le setswe se le seng, mme kahodima sedulwana, ho ne ho le mahetla le mahlakore a sona, a etswa ho sona.
36. A betla dikerubime le ditau le dipalema mamating a mahetla a sona le mahlakoreng a sona, kamoo sebaka se leng ka teng; ho ne ho le meqhaka e potang.
37. A bopa didulwana tse leshome jwalo; tsohle tsa eba mmopo o le mong, le tekano e le nngwe, le boholo bo lekanang.
38. A ntoo bopa merifi e leshome ya koporo, morifi o mong le o mong o tshetse dibathe tse mashome a mane. Morifi o mong le o mong boholo ba wona e ne e le ditswe tse nne, mme sedulwana se seng le se seng ho tse leshome se ne se na le morifi wa sona.
39. A bea didulwana tse hlano lehlakoreng le letona la ntlo, tse hlano tse ding ho le letshehadi la ntlo; a bea letsha lehlakoreng le letona la ntlo, ho leba nqa botjhabatsatsi, e le ka nqa borwa.
40. Hirame a bopa le dipitsa, le dikgarafu, le mafiswana.Hirame a phetha jwalo mosebetsi wohle wa ntlo ya Jehova, oo a o laetsweng ke morena Salomone:
41. e le ditshiya tse pedi, le dihlooho tse tjhitja tse pedi, tse hodima ditshiya, le matanta a mabedi a kgabisang dihlooho tse tjhitja tse pedi, tse hodima ditshiya;
42. le digaranata tse makgolo a mane tsa matanta a mabedi; le melala e mmedi ya digaranata letanteng le leng le le leng, ho kgabisa dihlooho tse tjhitja tse pedi tse ditshiyeng.
43. A bopa le didulwana tse leshome, le merifi e leshome e didulwaneng;
44. le letsha le le leng, le dikgomo tse leshome le metso e mmedi, tlasa letsha;
45. le dipitsa le dikgarafu, le mafiswana. Mesebetsi eo yohle ya ntlo ya Jehova, e entsweng ke Hirame ka taelo ya morena Salomone ya etswa ka koporo e benyang.
46. Morena a e tsholla lehwatateng la Jordane, letsopeng le mahareng a Sukkothe le Tsarthane.
47. Salomone ha a ka a lekanya boima ba mesebetsi eo ka baka la bongata ba yona; le boima ba koporo ha bo a ka ba hlahlojwa.
48. Salomone a phetha mesebetsi yohle ya ntlo ya Jehova, e le aletare ya kgauta, le tafole ya kgauta ya mahobe a pontsha;