3. A tsamaya dibeng tsohle tse entsweng ke ntatae pele, pelo ya hae yohle e se ya Jehova, Modimo wa hae, jwaloka pelo ya ntatae Davida.
4. Leha ho le jwalo, ka baka la Davida, Jehova, Modimo wa hae, a mo nea lebone le tukang Jerusalema, ka ho mo hlahlamisa mora hae, le ka ho tiisa Jerusalema.
5. Ha eba jwalo, kahobane Davida a ne a entse tse lokileng mahlong a Jehova, a sa ka a kgeloha taba le e nngwe ya tsohle tseo a mo laetseng tsona, tshiung tsohle tsa ho phela ha hae, haese tabeng ya Uria Mohethe feela.
6. Ntwa ya nna ya eba teng mahareng a Roboame le Jeroboame, tshiung tsohle tsa ho phela ha hae.
7. Haele taba tse ding tsa Abijame, le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?Ntwa ya nna ya eba teng mahareng a Abijame le Jeroboame.
8. Abijame a ntoo orohela ho bontatae, a patwa motseng wa Davida; mme Asa, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.
9. Asa a qala ho busa Juda ka selemo sa mashome a mabedi sa ho busa ha Jeroboame, morena wa Iseraele.
10. A busa ka dilemo tse mashome a mane a motso o mong Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Maaka, moradi wa Absalome.
11. Asa a etsa tse lokileng mahlong a Jehova, jwaloka ntatae Davida.
12. A leleka Basodoma naheng, a tlosa ditshwantsho tsohle tse entsweng ke bontatae.
13. Esita le mmae Maaka, a mo ntsha sefumahading, hobane a ne a entse setshwantsho sa Ashtarothe; Asa a heletsa setshwantsho seo sa hae, a se tjhesa molatswaneng wa Kedrone.
14. Haele nqalo tse diphahameng, ha a ka a di tlosa; leha ho le jwalo, pelo ya Asa ya nna ya kgomarela Jehova hantle tshiung tsohle tsa ho phela ha hae.
15. Hape, a tlisa ka tlung ya Jehova tse kgethetsweng Modimo ke ntatae le yena, silefera le kgauta le dipitsa.