7. Ke bone ditente tsa Ethiopia di imelwa ke tlokotsi, ho thothomela le masela a ditente tsa lefatshe la Midiane.
8. Hleka bohale ba hao bo tuketse dinoka, Jehova? hleka bo tuketse dinoka? a o halefetse lewatle, ha o tsamaya ka pere tsa hao le makoloi a hao a poloko?
9. Seqha sa hao se kgurumolotswe, se hlahile; metsu ya hao ke lentswe la hao ha le kgalemela. (Sela.) O petsola lefatshe, ho le fetola dinoka.
10. Dithaba di a o bona, mme di a meneka; ho feta sekgohola sa metsi; bodiba bo phahamisa lentswe la bona, bo emisetsa matsoho a bona hodimo.
11. Letsatsi le kgwedi di eme nqalong tsa tsona ke ho tshoha lesedi la metsu ya hao e fetang, le kganya ya lerumo la hao le phatsimang.
12. O haola lefatshe ka kgalefo, o hatakela ditjhaba ka bohale.
13. O tswela ho pholosa setjhaba sa hao, ho pholosa motlotsuwa wa hao! O thuhaka hlooho ya ntlo ya e mobe, o be o kwaholle metheo ya yona, o e senye ho isa marulelong. (Sela.)
14. Ka dibetsa tsa hao, o hlaba hlooho tsa bahlabani ba hae, ba tlang jwaloka sefefo ho tla re hasanya, ba bileng ba nyakalla jwaloka hoja eka ba se ba ya ja mafutsana sephiring.
15. O tsamaya hodima lewatle, le pere tsa hao hodima qubu tsa metsi a maholo.
16. Ke utlwile, mme mmele wa ka o a nyaroha; lentsweng leo, melomo ya ka e a otlana, ho bola ha kena masapong a ka, ke ntse ke thothomela, ha ke tshwanetse ho lebella, ke kgutsitse, letsatsi leo la tlokotsi leo setjhaba se tlang ho futuhelwa ke ya tla tla se lwantsha.
17. Hobane feiye e ke ke ya palesa, mme merara e ke ke ya beha letho; se tshepilweng mohlwaareng se tla ba siyo, masimo a ke ke a hlahisa dijo; manku a tla hlokeha masakeng, ditaleng ha ho sa tla ba le makgomo.
18. Empa haele nna, ke tla ithabela ho Jehova, ke nyakalle ho Modimo wa poloko ya ka.