BIBELE e Halalelang

Esaia 4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mehleng eo, basadi ba supileng ba tla itshwarella ka monna a le mong, ba re ho yena: Re tla ja bohobe ba rona, re ikapese ka dikobo tsa rona; feela re bitswe ka lebitso la hao, o tlose nyatso ya rona.

2. Mehleng eo, lehlomela la Jehova le tla hlaha bokgabaneng le kganyeng, tholwana ya lefatshe e be kganya le kgabiso ho Baiseraele ba phonyohileng.

3. E mong le e mong ho ba siilweng Sione, le ba setseng Jerusalema, ba tla bitswa bahalaledi, e leng bohle ba ngodilweng bukeng ya ba phelang Jerusalema;

4. ha Morena a se a hlakotse ditshila tsa baradi ba Sione, a tlositse madi a Jerusalema teng ka moya wa kahlolo le ka moya o hlokolang.

5. Mme Jehova o tla hlahisa hodima bophara bohle ba thaba ya Sione le hodima diphutheho tsa hae leru le mosi nyene, le kganya ya malakabe a mollo bosiu; hobane ke sona serireletso se tla apesa kganya yohle.

6. Ho tla ba le tente e sirelang ho tjhesa ha kganya ya motshehare, e be setshabelo le tshirelo difefong le puleng.