23. ke re ho wena: Lokolla moraka, a ye ho ntshebeletsa; empa ha o hana ho mo lokolla, bona, ke tla bolaya mora wa hao wa letsibolo.
24. Mme ha ba le tseleng, moo ba robalang teng, Jehova a kgahlana le Moshe, a batla ho mmolaya.
25. Yaba moo Sefora a nkang lehakwe, a kgaolang mora hae nama ya ntlha ya dipejana, a e lahlela maotong a hae, a re: Ruri, ho nna o mohatsa ya madi.
26. Yaba Jehova o a mo tlohela. Ke ha mosadi a re: O mohatsa ya madi! A rialo ka baka la lebollo.
27. Jehova o ne a itse ho Aarone: Tsamaya, o yo kgahlanyetsa Moshe lefeelleng. O na be a ile, a mo fumana thabeng ya Modimo, a mo aka.
28. Moshe a tsebisa Aarone mantswe wohle a Jehova kamoo a mo romileng kateng, le dipontsho tsohle tseo a mo laetseng tsona hore a di etse.
29. Moshe le Aarone ba ya, ba phutha baholo ba bana ba Iseraele kaofela;
30. Aarone a ba bolella mantswe kaofela ao Jehova a a buileng ho Moshe, mme a etsa dipontsho mahlong a setjhaba.
31. Setjhaba sa dumela, sa utlwa hoba Jehova o etetse bana ba Iseraele, le hobane o tadimile ho hloreha ha bona; mme ba inama, ba rapela.