11. Ekare ha a sa mo fe ntho tsena tse tharo, o tla itswela a sa lefe letho, ho se topollo.
12. Ekare ha e mong a bata motho, mme eo a eshwa, a bolawe.
13. Ha a na a sa mo lalle, Modimo o mpa o mo dihile ka letsoho la eo, ke tla o kgethela moo a ka balehelang teng.
14. Ha e mong a tsohela e mong matla ka bolotsana hore a mmolaye ka mano, o tla mo tshwara, leha a se a balehetse aletareng ya ka, o mmolaye.
15. Ya ka otlang ntatae, kapa mmae, a bolawe.
16. Ekare ha e mong a utswa motho, a rekisa ka yena, kapa a fumanwa matsohong a hae, a bolawe le yena.
17. Ya rohakang ntatae, kapa mmae, a bolawe.
18. Ekare ha ba bang ba phea kgang, mme e mong a otla e mong ka lejwe, kapa ka setebele, ha a sa shwe, a mpa a robatswa diphateng,
19. ha a ka tsoha, a ba a itsamaela kantle ka lere la hae, ya mo otlileng o tla hloka molato, feela o tla lefela ho dula ha hae, mme a mo oke, a be a fole ruri.
20. Ekare ha e mong a otla lekgoba la hae la monna kapa la mosadi ka thupa, la eshwa ka letsoho la hae, le tla lefetswa;
21. ha le ka phela tsatsi le le leng, kapa a mabedi, le ke ke la lefetswa, hobane ke tjhelete tsa hae.