1. Ke ana mabitso a bana ba Iseraele, ba neng ba ye Egepeta le Jakobo, e mong le e mong a ya le ba ntlo ya hae:
2. Rubene, Simeone, Levi le Juda;
3. Issaskare, Sabulone, le Benjamine;
4. Dane le Nefthali, Gade le Asere.
5. Batho bohle ba tswileng lethekeng la Jakobo e ne e le batho ba mashome a supileng; haele Josefa, o ne a se a le Egepeta.
6. Josefa a shwa, le banababo le moloko oo kaofela.
7. Mme bana ba Iseraele ba ata, ba ngatafala, ba anafala, ba natlafala haholoholo, mme naha ya Egepeta ya tlala bona.