BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 99 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Thoko ya ya halalehileng hararo.

1. Jehova o a busa, merabe e a thothomela; o dutse hodima dikerubime, lefatshe le a thekesela.

2. Jehova o moholo Sione, o phahametse ditjhaba kaofela.

3. A ba ke ba rorise lebitso la hao le leholo, le tshabehang, hobane le a halalela.

4. Ke wena o leng matla a morena ya ratang toka, o a tiisitse ho lokeng. O hlahisitse ho loka le tokelo ho Jakobo.

5. Rorisang Jehova, Modimo wa rona, le kgumame pela bonamelo ba maoto a hae, hobane o a halalela.

6. Moshe le Aarone, baprista ba hae, le Samuele, e mong wa ba neng ba rapela lebitso la hae, ba nna ba rapela Jehova, mme a ba utlwa.

7. A nna a bua le bona a le topallong ya leru, mme ba boloka ditaelo tsa hae, le molao oo a neng a ba neile wona.

8. Jehova, Modimo wa rona, o nnile wa ba utlwa; o bile ho bona Modimo o tshwarelang, leha o ne o pheteletsa diketso tsa bona.

9. Rorisang Jehova, Modimo wa rona, le kgumame thabeng ya hae e halalelang; hobane Jehova, Modimo wa rona, o a halalela!