BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 98 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Poloko le ho loka di tla senolelwa batho.

1. Binelang Jehova sefela se setjha, hobane o entse dintho tse mehlolo; seatla sa hae se setona le letsoho la hae le halalelang di hlotse dira tsa hae.

2. Jehova o bonahaditse poloko ya hae, o pepesitse ho loka ha hae mahlong a ditjhaba.

3. O hopotse mohau wa hae le botshepehi ba hae bakeng sa ntlo ya Iseraele; dipheletso tsohle tsa lefatshe di bone poloko ya Modimo wa rona.

4. Lona, mafatshe kaofela, phahamisetsang ho Jehova mehoo ya thabo ya lona! Tshelang ditlatse tsa lona, le mo binele difela tsa nyakallo!

5. Rorisang Jehova ka harepa, ka harepa le ka mantswe a dipina!

6. Ka moletso wa diterompeta le wa diphala, tshelang ditlatse tsa thabo ya lona pela Morena, pela Jehova!

7. Lewatle a le dume le tsohle tse ho lona, lefatshe le ba ahileng ho lona.

8. Dinoka a di ke di ope ka diatla, le dithaba di ntshe mehoo ya thabo pela Jehova, hobane o ya tla ho ahlola lefatshe.

9. O tla ahlola lefatshe ka ho loka, le ditjhaba ka nnete ya hae.