BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 97 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Ho fihlile mmuso wa Modimo, Moahlodi le Mmoloki.

1. Jehova o a busa. Lefatshe a le ke le thabe; dihlekehleke tse ngata a di ke di nyakalle!

2. Maru le botsho di mo teetse hare; ho loka le kahlolo ke motheo wa terone ya hae.

3. Mollo o mo etella pele, mme o timeletsa dira tsa hae ka nqa tsohle.

4. Mahadima a hae a kganyetsa lefatshe; lefatshe le a a bona, le a thothomela.

5. Dithaba di qhibiliha jwaloka mafura a dinotshi pela sefahleho sa Jehova, pela sefahleho sa Morena wa lefatshe lohle.

6. Mahodimo a bolela ho loka ha hae, ditjhaba tsohle di boha bokgabane ba hae.

7. Ba hlabilwe ke dihlong, bona kaofela ba sebeletsang ditshwantsho, ba ithorisang ka medimo ya leshano; medimo kaofela e tla kgumama pela hae.

8. Sione o utlwile, mme o thabile ke hoo; baradi ba Juda ba nyakalletse dikahlolo tsa hao, Jehova.

9. Hobane, Jehova o Mookamedi ya phahameng, ya renang hodima lefatshe lohle; o phahamile haholoholo ho fetisa medimo kaofela.

10. Lona ba ratang Jehova, hloyang bobe! O sirela meya ya bakgethwa ba hae, o ba namolela matsohong a ba bolotsana.

11. Lesedi le jaletswe ya lokileng, thabo e neilwe ba pelo e lokileng.

12. Lona ba lokileng, etsang thabo ya lona ka Jehova, mme le roke lebitso la hae le halalelang!