BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 96 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Ho atametse mmuso wa Modimo.

1. Binelang Jehova sefela se setjha; binelang Jehova, lona, baahi bohle ba lefatshe!

2. Binelang Jehova, le rorise lebitso la hae, le bolele poloko ya hae ka matsatsitsatsi.

3. Le bolele kganya ya hae hara ditjhaba, le mehlolo ya hae hara mefuta yohle!

4. Hobane Jehova o moholo, o lokelwa ke ho roriswa ka ho fetisisa; o tshabeha ho fetisa medimo kaofela;

5. hobane medimo yohle ya ditjhaba ke ditshwantsho feela, empa Jehova o entse mahodimo.

6. Kganya le letlotlo di pela hae, matla le botle di sehalalelong sa hae.

7. Lona, mefuta ya ditjhaba, busetsang ho Jehova, busetsang ho Jehova kganya le matla.

8. Busetsang ho Jehova kganya e tshwanelang lebitso la hae; tlisang dinyehelo, le kene mabaleng a hae!

9. Kgumamang pela Jehova ka bokgabane bo halalelang. Le thothomele pela hae, lona baahi bohle ba lefatshe!

10. Ereng hara ditjhaba: Jehova o a busa! lefatshe le tiya ke hona, ha le sisinyehe; o ahlola ditjhaba ka ho loka.

11. Mahodimo a ke a thabe, mme lefatshe le hlasimolohe; lewatle a le ke le dume le tsohle tse ho lona;

12. dithota di ke di nyakalle le tse ho tsona kaofela; difate tsohle tsa meru di etse ditlatse tsa thabo pela Jehova!

13. Hobane o ya tla ho ahlola lefatshe. O tla ahlola lefatshe ka ho loka, le ditjhaba ka nnete ya hae.