BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 95 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Motho o ipolela hore o tla ya ka lentswe ya Modimo.

1. Tloong, re phahamisetseng dipina tsa rona ho Jehova, le mehoo ya rona ya nyakallo ho lefika la poloko ya rona!

2. Re itlhahiseng ho yena ka dithoko, re utlwahatse ditlatse tsa rona ka difela pela hae.

3. Hobane Jehova ke Modimo o moholo, ke Morena e moholo ya fetang medimo yohle;

4. matebo a lefatshe a diatleng tsa hae, le wona maphahamo a dithaba.

5. Lewatle ke la hae, ke mosebetsi wa hae, le lona lefatshe le tiileng le bopilwe ke diatla tsa hae.

6. Tloong, re kgumameng, re inameng, re we ka mangole pela Jehova, Mmopi wa rona!

7. Hobane ke Modimo wa rona, re setjhaba seo e leng modisa wa sona, mohlape o tsamaiswang ke letsoho la hae.

8. Kajeno, ha le utlwa lentswe la hae, le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona, jwaloka mohla Meriba, le mehleng ya Massa, feelleng,

9. moo bontata lona ba ntekileng teng, ba nteka leha ba bone diketso tsa ka.

10. Ka tenwa ke moloko oo ka dilemo tse mashome a mane, ka re: Ke setjhaba seo pelo ya sona e kgelohileng; ha ba tsebe ditsela tsa ka.

11. Ke moo ke hlapantseng bohaleng ba ka, ka re: Ba ke ke ba ba ba kena phomolong ya ka!