BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 92 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Pesaleme. Sefela sa letsatsi la sabbatha.

1. Ho monate ho roka Jehova, le ho binela lebitso la hao, Mookamedi ya phahameng!

2. ho bolela mohau wa hao ka meso, le bokgabane ba hao ka masiu wohle,

3. ka thomo e kgole tse leshome le ka pesalterine, ka harepa e modumo o monate.

4. Hobane o nthabisa, Jehova, ka diketso tsa hao, ke nyakalatswa ke mesebetsi ya diatla tsa hao.

5. Mesebetsi ya hao e meholo hakakang, Jehova, mehopolo ya hao e tebile hakakang!

6. Motho ya letlaopa ha a tsebe teng, lewatla ha le utlwisise teng.

7. Leha banyefodi ba mela eka meroho, le ba bolotsana kaofela ba atleha, ke hore ba senyehe ka ho sa feleng.

8. Empa wena, Jehova, o ntse o le Mookamedi ya phahameng ka ho sa feleng.

9. Hobane dira tsa hao, Jehova, dira tsa hao di a fela, ba sebetsang bobe kaofela ba qhalwa.

10. O emisa lenaka la ka jwaloka la nare, ke tlotsitswe ka ole e ntjha;

11. bahanyetsi ba ka ba tla thabisa mahlo a ka, ditsebe tsa ka di utlwe tshenyeho ya ba bolotsana, ya ba mphahamelang.

12. Ba lokileng ba mela jwaloka sefate sa palema, ba hola jwaloka kedare ya Lebanone.

13. Haele moo ba hlomilwe ka tlung ya Jehova, ba atleha mabaleng a Modimo wa rona; ba sa tla bea le boqhekung ba bona;

14. ba sa le moko le botala;

15. ba tle ba bolele hoba Jehova o lokile. Ke yena lefika la ka, mme ha ho bokgopo ho yena.