BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 91 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Sefela se bolelang matla a Modimo a ho sireletsa ba o tshepileng nakong tsa ntwa le tsa mafu.

1. Ya dutseng sephiring sa Mookamedi ya phahameng, o phomola moriting wa Ya matla wohle.

2. Ke re ho Jehova: O setshabelo sa ka le qhobosheane ya ka, Modimo wa ka oo ke o tshepang!

3. Ke yena ya o tshwasollang lerabeng la setsomi, lefung le akaretsang.

4. O o kgurumetsa ka masiba a hae, o bona tshireletso katlasa mapheo a hae; nnete ya hae ke thebe le thejana.

5. O ke ke wa tshaba letsoso la bosiu, leha e le motsu o bebang motshehare,

6. leha e lefu le kgukgunang lefifing, leha e le tshenyo e bolayang motshehare o moholo.

7. Leha batho ba ka wa ba le sekete lehlakoreng la hao, ba le diketekete letsohong la hao le letona, wena, lefu le ke ke la o atamela.

8. Feela, o tla iponela ka mahlo a hao, o be o bone moputso wa ba bolotsana.

9. Hobane, Jehova, o setshabelo sa ka.O ikgethetse Mookamedi ya phahameng, hore e be setshabelo sa hao.

10. Ka baka leo, tlokotsi e ke ke ya fihla ho wena, kotsi e ke ke ya atamela tente ya hao;

11. hobane o tla o laella mangeloi a hae, a tle a o boloke ditseleng tsa hao kaofela.

12. A tla o kakasa ka matsoho a wona, esere mohlomong leoto la hao la kgoptjwa ke lejwe.

13. O tla hata tau le qowane, o hatakele tawana le noha.

14. Erekaha a beile lerato la hae ho nna, ke tla mmoloka, ke mmee qhobosheaneng e phahameng, kahobane a tsebile lebitso la ka.

15. O tla bitsa ho nna, mme ke tla mo araba; ke tla ba haufi le yena matswalong, ke mo ntshe ho wona, ke mo tlotlise.

16. Ke tla mo kgorisa ka matsatsi a mangatangata, ke mmontshe poloko ya ka.