BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 86 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Thapelo ya morapedi ya hloriswang.

Thapelo ya Davida.

1. Jehova, sekeha tsebe ya hao, o nkarabele, hobane ke ya madimabe, ke ya lesitsi.

2. Boloka moya wa ka, hobane ke e mong wa batshepehi ba hao! Thusa mohlanka wa hao ya o tshepang, wena, Modimo wa ka!

3. O nkgauhele, Morena, hobane ke bitsa ho wena tsatsi lohle!

4. O thabise moya wa mohlanka wa hao, hobane ke phahamisetsa moya wa ka ho wena, Morena.

5. Hobane wena, Morena, o molemo, o mosa, o tletse lereko hobohle ba o rapelang.

6. Jehova, sekehela thapelo ya ka tsebe, o ele thapediso tsa ka hloko.

7. Ke o rapela ka letsatsi la ka la matswalo, ka hobane o a nkutlwa.

8. Hara medimo ha ho o tshwanang le wena, Morena; ha ho letho le ka lekanang le mesebetsi ya hao!

9. Ditjhaba tsohle tseo o di entseng di tla tla kgumama pela hao, Morena, di tlotlise lebitso la hao!

10. Hobane o moholo, o etsa meeka, o Modimo o nnotshi.

11. Jehova, mpontshe tsela ya hao, ke tle ke tsamaye nneteng ya hao! o tlamelle pelo ya ka yohle le tshabo ya lebitso la hao!

12. Ke tla o rorisa, Morena, Modimo wa ka, ka pelo ya ka yohle, ke tlotlise lebitso la hao ka ho sa yeng kae!

13. Hobane mohau wa hao o moholo ka nqa ho nna, mme o nyolotse moya wa ka tlasetlase nqalong ya bafu.

14. Oho Modimo, baikakasi ba mpokanetse, letshwele la batho ba tshabehang le batla bophelo ba ka; ha ba ka ba o bea pela mahlo a bona.

15. Empa wena, Morena, o Modimo o lereko, o molemo, o diehang ho halefa, o tletseng mohau le nnete.

16. O retelehele ho nna, o nkgauhele, o nee mohlanka wa hao matla a hao, o pholose mora wa lekgabunyane la hao.

17. O etse pontsho bakeng sa ka ya hoba o molemo ho nna, e tle e bonwe ke dira tsa ka, di ke di swabe! hobane, Jehova, o a nthusa, o a ntshedisa.