BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 84 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Thapelo ya motho ya hlolohetsweng ntlo ya Modimo, ya lakatsang ho dula ho yona.

Ho monga baphokodi. Ka Gitthithe. Pesaleme ya bana ba Kore.

1. Meaho ya hao e rateha hakakang, wena, Jehova wa makgotla!

2. Moya wa ka o a idibana, o sisetsa mabala a ntlo ya Jehova; pelo le nama ya ka di howeletsa ho Modimo o phelang!

3. Esita le serobele se na le sehlaha, le lefokotsane le na le ntlo, moo le beang madinyane a lona teng ... Oho! dialetare tsa hao, Jehova wa makgotla, Morena wa ka, le Modimo wa ka!

4. Ho lehlohonolo ba ahileng tlung ya hao! Ba ya nne ba o rorise kamehla. (Sela.)

5. Ho lehlohonolo batho bao o leng matla a bona, bao pelo tsa bona di ratang ditsela tsa hao!

6. Ha ba ntse ba haola ka kgohlo ya Baka, ba e fetola kgohlo ya didiba, mme pula ya hwetla e e apesa ka nala.

7. Ha ba ntse ba tsamaya, ba ekeletswa matla, ho fihlela ba itlhahisa pela Modimo Sione.

8. Jehova, Modimo wa makgotla, mamela thapelo ya ka! Sekeha tsebe, Modimo wa Jakobo! (Sela.)

9. Oho Modimo, thebe ya rona, tadima, o bone sefahleho sa motlotsuwa wa hao.

10. Hobane tsatsi le le leng le dulwang mabaleng a ntlo ya hao, le fetisa matsatsi a mang a sekete a dulwang hosele. Ho dula mathuleng a ntlo ya Modimo wa ka ke a ho rata ho fetisa ho dula ditenteng tsa bakgopo.

11. Hobane Jehova Modimo ke letsatsi le thebe. Jehova o nea mohau le kganya, ba tsamayang ka ho loka a ke ke a ba hanela le molemo leha o le mong.

12. Jehova wa makgotla, ho lehlohonolo motho ya o tshepang!