BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 83 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Thapelo ya ho ipea ho Modimo, ha ditjhaba di kopanetse ya o tshepileng.

Sefela. Pesaleme ya Asafe.

1. Oho Modimo, o se ke wa thola, o se ke wa thibana ditsebe, o se ke wa dula o ikgutseditse, Modimo.

2. Hobane dira tsa hao di a dumaduma, ba o hloyang ba emisa dihlooho;

3. ba rera setjhaba sa hao ka ho se lohela mano, ba botsana hodima ba sirelwang ke wena.

4. Ba re: Tloong, re ba fedise hara ditjhaba, lebitso la Iseraele le se ke la hlola le bolelwa!

5. Ba botsana ba le pelo e le nngwe, ba etsa selekane ho o lwantsha:

6. e leng ba ditenteng tsa Edomo, le Baishmaele, Bamoabe, le Bahagarene,

7. Gebale, le Ammone, le Amaleke, le Bafilesta hammoho le baahi ba Tire;

8. Baassiria le bona ba ikopantse le bona, ba adimile bana ba Lota matsoho a bona. (Sela.)

9. O ba etse jwalokaha o entse Midiane, le Sisera, le Jabine, nokaneng ya Kishone,

10. ba feletseng Ene-Dore, mme ditopo tsa bona tsa nontsha mobu!

11. O etse mahosana a bona a be jwaloka Orebe le Seebe, le marena a bona kaofela a be jwaloka Seba le Tsalmunna;

12. hobane ba re: A re inkeleng, re rue meaho ya Modimo!

13. Modimo wa ka, ba be pela hao jwaloka setsokotsane, jwaloka mooko o fefolwang ke moya,

14. jwaloka mollo ha o qeta moru, le jwaloka lelakabe ha le tjhesa dithaba.

15. O ba lelekise jwalo ka sefefo sa hao, o ba tshose ka moya wa hao wa letsukutsuku!

16. Apesa difahleho tsa bona ka dihlong, ba tle ba batle lebitso la hao, Jehova.

17. A ba ke ba tsielehe, ba shwe motlopo kamehla, ba fele ba hlabilwe ke dihlong!

18. Ba tle ba tsebe hore wena, eo lebitso la hao e leng Jehova, o rena o nnotshi lefatsheng lohle.