BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 79 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Thapelo ya ho kopa thuso nakong ya tshenyo le ya polao le ya ditshomo.

Pesaleme ya Asafe.

1. Oho Modimo, bahedene ba kene lefeng la hao, ba silafaditse tempele ya hao e halalelang, ba entse Jerusalema dithako.

2. Ba neetse dinonyana tsa mahodimo ditopo tsa bahlanka ba hao, ba neetse dibatana tsa lefatshe nama tsa baratuwa ba hao.

3. Ba tsholotse madi a bona jwaloka metsi ka nqa tsohle ho Jerusalema, mme ho hlokahetse ya ba patang.

4. Re fetohile sekgobo sa ba ahisaneng le rona, papadi le sesomo sa ba kamathoko.

5. Jehova, o tla lesa neng ho halefa? Kgalefo ya hao na e tla tuka jwaloka mollo kamehla na?

6. Tshollela bohale ba hao hodima ditjhaba tse sa o tsebeng, le hodima mebuso e sa rapeleng lebitso la hao.

7. Hobane ba jele Jakobo, ba sentse moaho wa hae!

8. O se ke wa hopola dibe tsa bontata rona moholo; mehauhelo ya hao e re tlele kapele, hobane re ba madimabe haholo.

9. Oho Modimo wa poloko ya rona, ka baka la kganya ya lebitso la hao, o re thuse, o re namolele, o re tshwarele dibe tsa rona, ka baka la lebitso la hao.

10. Ke ka baka lang ha ditjhaba di ka re: Modimo wa bona o kae? Phetetso ya madi a bahlanka ba hao a tsholohileng a e ke e bonahale ditjhabeng pontsheng ya rona!

11. Masisapelo a ba holehilweng a ke a fihle pela hao; ka matla a letsoho la hao o boloke ba abetsweng ho shwa.

12. Morena, o busetse hasupa difubeng tsa ba mabapa le rona dinyefolo tseo ba o nyefotseng ka tsona!

13. Mme rona, setjhaba sa hao, mohlape oo o leng moalosi wa wona, re tla o leboha ka ho sa yeng kae, re bolele dithoko tsa hao ditloholong le ditloholwaneng!