BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 62 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Motho o batla tshirelo ho Modimo mohla o lwantshwang.

Ho monga baphokodi. Ka Jeduthune. Pesaleme ya Davida.

1. Moya wa ka, ke ho Modimo feela o ka bonang phomolo; hobane poloko ya ka e tswa ho wona.

2. Ruri, ke wona lefika la ka le thuso ya ka, qhobosheane ya ka e phahameng; nke ke ka sisinyeha.

3. Le tla phehella ho isa kae ho rusolla motho, ha le tla mo dikanela kaofela, jwalokaha ho dikanelwa lerako le sekameng le motero o heletswang?

4. Ba rera ho mo diha phahameng ya hae, ba ithabela leshanong; ba boka ka melomo ya bona, empa ba rohaka ka dipelong tsa bona. (Sela.)

5. Moya wa ka, o itshepele Modimo, hobane tshepo ya ka e tswa ho wona.

6. Ke lefika la ka ruri le thuso ya ka; ke qhobosheane ya ka: nke ke ka sisinyeha.

7. Poloko ya ka le kganya ya ka di dutse ho Modimo; Modimo ke lefika la ka le matla; ke setshabelo sa ka.

8. Lona, setjhaba, le itshepise ka wona kamehla, le tshollele dipelo tsa lona pela wona! Modimo ke setshabelo sa rona. (Sela.)

9. Bana ba batho ke lefeelafeela, le bara ba batho ke leshano feela; ha le ka ba bea sekaleng, ba ka phahama feela; kaofela hammoho ke lefeela.

10. Le se ke la tshepa botubo, le se ke la bea tshepo ya lona tlatlapong. Ha le atelwa ke maruo, le se ke la bea dipelo tsa lona ho wona.

11. Modimo o boletse hang, mme ke utlwile habedi, ha ho thwe: Matla ke a Modimo;

12. le wona mohau ke wa hao, Morena, hobane o busetsa ho e mong le e mong ho lekanang mesebetsi ya hae.