BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 61 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Thapelo ya motho ya ratang ho tshabela ho Modimo.

Ho monga baphokodi. Ka tse tidinngwang. Pesaleme ya Davida.

1. Modimo, mamela mehoo ya ka, o ele thapelo ya ka hloko.

2. Ke howeletsa ho wena ka pelo e tepeletseng, ke le pheletsong ya lefatshe. O nnyolosetse lefikeng leo ke sitwang ho le hlwa!

3. Hobane o setshabelo sa ka, qhobosheane e matla ya ka pela sera.

4. Ke rata nka ikahella tenteng ya hao ka ho sa yeng kae, ka batla setshabelo sa ka moriting wa mapheo a hao. (Sela.)

5. Hobane, wena Modimo, o utlwile dikano tsa ka, o nneile lefa la ba tshabang lebitso la hao.

6. O eketse matsatsi a morena, o mo fe dilemo ho isa ditloholong le ditloholwaneng;

7. a tle a dule teroneng pela Modimo ka ho sa yeng kae. Lokisa mohau le nnete, di tle di mo lebele!

8. Ebe moo ke rorisang lebitso la hao kamehla, ke ntse ke phetha dikano tsa ka ka matsatsi wohle.