BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Thapelo e kopang thuso ha motho a le tayong ya Modimo.

Ho monga baphokodi. Ka diletsa tse tidinngwang. Ka harepa ya kgole tse robileng meno e le mmedi. Pesaleme ya Davida.

1. Jehova, o se ke wa ntaya bohaleng ba hao, o se ke wa nkotla kgalefong ya hao!

2. O nkgauhele, Jehova, hobane ke a idibana; o mphodise, Jehova, hobane masapo a ka a thothomela;

3. moya wa ka o tshaba haholo; empa wena, Jehova, o isa kae? ...

4. Kgutla, Jehova, o lokolle moya wa ka; o mpoloke ka baka la mohau wa hao.

5. Hobane lefung ha o sa hopolwa; ke mang ya ka o rorisang nqalong ya bafu?

6. Ke fela ke masisapelo; ka bosiu bo bong le bo bong, ke kolobisa diphate tsa ka ka meokgo, ke thoposetsa ditao tsa ka ka yona.

7. Mahlo a ka a fela ke mahlomola, a monyela ka baka la bohle ba ntlhorisang.

8. Suthelang hole le nna, lona kaofela ba sebetsang bolotsana; hobane Jehova o utlwile lentswe la dillo tsa ka.

9. Jehova o utlwile ho kopa ha ka; Jehova o amohetse thapelo ya ka.

10. Dira tsa ka kaofela di tla swaba, di tshwarwe ke thothomelo e kgolo; di tla sutha, di be di tsielehe hang.