BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 58 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Thapelo ya hore Modimo o otle bakgopo.

Ho monga baphokodi. Ka pina ya Aletashethe. Sefela sa Davida.

1. Fale le tla nne le ikgutsetse na? Na ha le tumise ho loka keng na? A le tla ahlola ka tokelo, lona bana ba batho?

2. Tjhe, le etsa ho sa lokang dipelong tsa lona, mme tokiso ya lona lefatsheng ke ho tsohela batho matla feela.

3. Ba bolotsana ba kgelohile esale ba etswa popelong, mahata a lahlehile esale a hlaha;

4. ba na le mahloko a kang a dinoha, ba tshwana le marabe a ithibanyang ditsebe,

5. a tle a se ke a mamela lentswe la moupelli le la ngaka e tsebang ho upa.

6. Modimo, o ba robe meno melomong ya bona! Jehova, pshatla mehlahare ya ditau!

7. Ba fele jwaloka metsi a phallang, metsu eo ba e fulang e thithibane.

8. Ba be jwaloka kgofu e menyelang e ntseng e eya, ba be jwaloka sefolotsana sa mosadi se sa kang sa bona letsatsi.

9. Dipitsa tsa lona di eso ho utlwe mollo wa meutlwa, e metala le e tukileng e tla phamolwa hammoho ke setsokotsane.

10. Ke moo ya lokileng a tlang ho thaba, ha a bona phetetso; o tla hlatswa maoto a hae mading a molotsana;

11. mme ho tla thwe: Moputso o teng ruri wa ya lokileng; ruri, Modimo o teng o ahlolang lefatshe.