BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 51 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Thapelo ya boikokobetso le ya ho ikopela mohau.

Ho monga baphokodi. Pesaleme ya Davida, ya mohla Nathane, moporofeta, a tlileng ho yena, ha Davida a ne a kene ho Bathe-Sheba.

1. Oho Modimo, nkgauhele ka lereko la hao; ka mehauhelo e meholo ya hao o hlakole ditlolo tsa ka!

2. Ntlhatswe, o be o ntlhatswisise bokgopo ba ka, o mphekole sebe sa ka!

3. Hobane ke tseba ditlolo tsa ka, sebe sa ka se pela ka kamehla.

4. Ke sitetswe wena, wena o nnotshi; ke entse ho leng hobe mahlong a hao; ke moo ho loka ha hao ho tla bonahala ha o bua, le hlweko ya hao ha o ahlola.

5. Bona, ke tswaletswe bokgopong, mme o nkemoletse sebeng.

6. Empa wena, o rata nnete pelong ya motho. O ntsebise bohlale sephiring sa ka!

7. O foke hodima ka ka hisopa, ke tle ke phekolehe! O ntlhatswe, ke tle ke fetisa lehlwa ka bosweu!

8. O nkutlwise nyakallo le thabo! Masapo a ka ao o a robileng a ke a hlasimolohe!

9. O furalle dibe tsa ka, o hlakole makgopo a ka kaofela!

10. Oho Modimo, o bope kahare ho nna pelo e hlwekileng, o boele o lokise kahare ho nna moya o tiileng!

11. O se ke wa ntelekisa pela sefahleho sa hao, o se ke wa nkamoha moya wa hao o halalelang!

12. O mpuseletse thabo ya poloko ya hao, nke ke tiiswe ke moya o mafolofolo.

13. Ebe moo ke rutang batlodi ditsela tsa hao, mme baetsadibe ba tla kgutlela ho wena.

14. Oho Modimo, Modimo wa poloko ya ka, o ntopolle molatong wa madi a tsholohileng; mme leleme la ka le tla rorisa ho loka ha hao!

15. Morena, ahlamisa melomo ya ka, mme molomo wa ka o tla tumisa dithoko tsa hao;

16. hobane ha o rate mahlabelo; hola ha ho jwalo, nka be ke a ntshitse; le ditjheso ha o kgahliswe ke tsona.

17. Sehlabelo se ratwang ke Modimo, ke moya o robehileng. Modimo, ha o kgese pelo e robehileng, e hlomohileng.

18. Leratong la hao o hlohonolofatse Sione; o hahe marako a Jerusalema!

19. Ke moo o tla kgahlwa ke mahlabelo a ho loka, le ditjheso, le tse tjheseletswang kaofela; mme ba tla hlahisa dipohwana aletareng ya hao.