BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Thapelo ya hosasa, ya motho ha a tla kena tlung ya Modimo.

Ho monga baphokodi. Ka tse letswang ka molomo. Pesaleme ya Davida.

1. Jehova, sekehela ditaba tsa ka ditsebe, o utlwe masisapelo a ka!

2. Mamela lentswe la ka le howeletsang ho wena, Morena wa ka le Modimo wa ka! hobane ke rapela wena.

3. Jehova, o mamele lentswe la ka e sa le kameso; e sa le kameso ke tadima ho wena, mme ke a lebella.

4. Hobane ha o Modimo o ratang bobe. Ya kgopo ha a amohelehe ho wena.

5. Mawatla a ke ke a ema pela sefahleho sa hao. O hloile bohle ba etsang bokgopo;

6. o fedisa ba bolelang leshano. Haele batho ba madi le ba thetso, ke manyala ho Jehova.

7. Empa nna, ka mohau wa hao o moholo, ke kena ka tlung ya hao, ke kgumama ka tshabo tempeleng ya hao e kgethehileng.

8. Jehova, ntsamaise ho lokeng ha hao, ka baka la ba ntwantshang; o lokise tsela ya hao pela ka. Hobane ha ho nnete melomong ya bona, ke thato ya ho senya feela;

9. lehano la bona ke lebitla le ahlamileng, ba qeka ka leleme la bona.

10. O ba otle, Modimo, ba dihuwe ke merero ya bona. O ba dihe ka baka la dibe tsa bona tse ngata, hobane ba ikgantsheditse wena.

11. Empa ba o tshepileng kaofela ba tla thaba, ba be ba nyakalle ka ho sa yeng kae, hobane o tla ba sireletsa; ba ratang lebitso la hao ba tla nyakallela wena.

12. Hobane wena, Jehova, o hlohonolofatsa ya lokileng, ka mohau wa hao o mo sireletsa ka mokgwa wa thebe.